Distributed by Parliamentary Monitoring Trust Zimbabwe (www.pmtz.org/[email protected]/pmtzimbabwe@twitter)
NYENYEFATSO THALATHALO EA PUPO
EA MOLAOTHEO OA REPABOLEKE EA
ZIMBABWE
(HLAKULA, 2013)
SOTHO
NYENYEFATSO
THALATHALO EA PUPO EA MOLAOTHEO OA REPABOLEKE EA ZIMBABWE
HLAKULA 2013
Selelekela
Lefapha la tsa qhobo ea tsamaiso ea pupo ea Molaotheo, Constitution Paliamentary Select
Committee ( COPAC) e hlophisitse Nyenyefatso ena ea Thalathalo ea mafello ea Pupo
ea Molaotheo oa Zimbabwe 2013 ho thusa sechaba hore se utloisise Thalathalo ena.
Thalathalo ena e na le maqephe 172. COPAC e bone ho tsoanetse ho etsa nyenyefatso ena ho
thusa motho a senang nako ea ho bala Thalathalo eohle ka botlalo, hore a ka tlo bala fela
nyenyefatso ena ebile a ananele tse ngoliloeng ho eona.
Nyenyefatso ena ha e ea kenya tsohle liqaqiso tse bong ho Thalathalo empa fela li tsebiso tse
bohlokoa tsa li karolo ho thusa ‘mali ho etsa keletso ka kutloisiso.
P age 1
Selelekela se bong lentsoepele
Selelekela se thlalosa ebile sa lumela ho se entse lintho ka toka ka lebaka la bohloaeli, se tlotlisa
boineelo joa banna le basali ba loaneng ho fetsa hlokeho ea ho se etsoe ha lintho ka toka. Se
lebisa hosasa e nang le temo kerase e thehiloeng holimo ha molao, ho sebetsa thata, hlompho le
ho thabela litokelo le litokoloho tsa botho, tsoarano, khumo ea rona ea setso le ho thola katleho
ea sechaba kaofela.
KHAOLO 1
Qapo ea Motheo (likaroloana 1 – 7)
Zimbabwe ithehiloe holimo ha li tebello tse bohlokoa tse latelang:-
Zimbabwe ke lefatse la tsoarano, temokerase le boipuso;
Molaotheo ke ona molaoholo ebile, molao o fe le o fe, mokhoa kapa
boitsoaro jo bo sa sepelelaneng le Moalotheo ona ha bo letho;
Molaotheo ona o tlama mang le mang ho akaretsa likampane le lihlopha tsa
boikemelo,’muso, bookameli, tsamaiso ea pupo ea molao le mafapha a tsa
qhubo ea molao le mafapha le mekhahlo eohle ea ‘muso;
Boholo ba Molaotheo, hlompho ea molao, litokelo tsa botho, arohanyo ea
tsa borapeli le setso , hlompho ea botho ba motho, ho lekana ha
bohle; tekano ea botona le botsehali, le hlompho ea ntoa ea tokoloho;
Puso e lokileng e akaretsang tse latelang:
o Tsamaiso ea tsa politiki e lumellang mekhahlo e
mengata
o Tsamaiso ea tsa khetho e etsang hore ho be le likhetho
tse etsoang ka nako le nako, ka tokoloho ebile le kantle
ha bomenemene;
o Ho fetisetsa matla a ho busa pele ka tsela ea boingotlo
moraho ha likhetho;
o Ho arohanya matla har’a mafapha a ‘Muso a reng
bookameli, boparamente, le ba tsa molao;
o Ho hlompha batho;
o Ho khuthalletsa tsa tsoarano le khotso;
o Hlokomelo ea litokelo tsa batho ba mefuta e
menyenyane;
o Ho khobana ka tekano khumo ea lefatse;
Ho phatlalatsa matla a hurumente ho mafapha e seng ho beakanya ho
lefapha le lengoe fela;
Foleki ea sechaba, pina ea sechaba le letsoao la sechaba;
‘Muso o emisitsoeng boraro, e leng, hurumente oa sechaba, li kansele tsa li
Purofense le tsa liToropo;
P age 2
Le ho feoa serete le hlompho ea lipuo tse boleloang, tsona ke tsena,
seChewa, seBarwe, seNyesemane, seKalaka, seKoisan, seNambya, seNdau,
seTebele, seChangana, seShona, ho tsoantsa, seSotho, seTonga, seTswana,
seVenda le seXhosa
Khothalletsa batho le ho ba ruta ka Molaotheo.
KHAOLO 2
Litebello tsa Sechaba (likaroloana 8 – 34)
Zimbabwe e na le litebello tsa sechaba tse akaretsang ‘muso har ‘a litaolo tsa khumo,
hore –
Ho bona hore ho na le puso e ntle ka ho bea batho batsoanetseng
mesebetseng, ho loantsa bosholu le ho sebelisa matla ka tsela e
sa tsoanelang le ho fa chelete tse anetseng tsebeletsong ea mafapha a ‘Muso;
Thuthuhiso ea tsoarano ea sechaba, khotso le khutso;
Tsireletso ea litokelo le litokoloho tsa botho;
Ho latela tsebeliso ea tsa jelano le mangoe mafatse e hlomphang li takatso
tsa lefatse, e hlompha molao oa lefase ka bophara, thuthuhisang tulisano le
mangoe mafatse le ho namola lintoana ka khotso;
Ho lokisetsa thuthuho ea lefatse, ho matlafatsa batho baZimbabwe ka tsa
khumo le ho hlola mesebetse;
Thuthuhiso ea ho fumaneha ha lijo, setso le mekhoa ea batho, tekano
ea botona le botsehali, tekano ea ho emeloa ha likhaolo;
Thuthuhisa litakatso tsa bana, basoa, batho batsofetseng, batho
baholofetseng, baileng ba loela ntoa ea tokoloho, basebetse, phole le
lenyalo;
Ho neela bana bohle thuto ntle le patelo;
Ho ahela malulo, tsebeletso ea tsa bophelo e lekaneng, thuso ea sechaba le
thuso ho tsa molao le tsa lipapali le boikhutso;
Sireletsa le ho boloka tsebo ea setho;
Ho etsa ho re e be molao litumelloano tsohle tse entsoeng ke mafatse e le
hore Zimbabwe le eona e e tlamile ho tsona.
KHAOLO 3
Boahi (likaroloana 35 – 43)
Boahi ba Zimbabwe bo ka matsoalo, maseka e ka ba le ka ho ngolisa
Baahi bohle ba tsoaneloa ho:
P age 3
Sireletsoa ke ‘Muso;
Fumana li pasepoto le a mangoe mangolo a ho sepelisa;
Fumana mangolo a ho supa ho tsoaloa ha motho le a
mangoe mangolo a fanoang ke ‘Muso.
Baahi ka matsoalo ke batho ba:
Tsoaletsoing Zimbabwe ke ‘me kapa ntate e leng moahi oa
Zimbabwe kapa e mongoe ho ntatemoholo kapa nkhono oa hae ke
moahi oa Zimbabwe ka matsoalo ka leseka; kapa
Eo, fa a tsoaletsoe ntle ha Zimbabwe, e mongoe oa batsoali ba hae
ke moahi oa Zimbabwe fela a sebetsela ‘muso kapa lefapha
le lengoe ntle ha lefatse; kapa
Eo a fumanoeng Zimbabwe a le ka tlase ha li lemo tsa ho tsoaloa
tse 15 ebile boahi joa bona le batsoali ba sa tsejoe;
Tsoaletsoeng Zimbabwe pele Molaotheo ona o sebetsa ebile e
mongoe oa batsoali ba hae o ne a le moahi oa lefatse le
bong leloko la kopano ea Southern African Development
Community ebile a lula Zimbabwe.
Baahi ka boseka, ke batho ba tsoaletsoeng ntle ha Zimbabwe ke ‘me kapa ntate o ‘ne
a le moahi oa Zimbabwe ka matsoalo kapa boseka kapa e mongoe oa bontatemoholo
kapa nkhono o ne a le moahi oa Zimbabwe ka matsoalo kapa boseka, ebile le
hotsoaloa ha bona ho ngolisitsoe Zimbabwe.
Baahi ba Zimbabwe ke batho bao e releng ka kopo ea ho ngolisoa joale ka baahi ba
Zimbabwe ba lumelloa.
Ho ba moahi oa mafatse a mabeli ka nako e ngoe ho a lumelloa fela ho bao e leng
baahi ba Zimbabwe ka matsoalo.
Molao o ka khanyetsa boahi joa ha beli ho baahi ka boseka kapa ho ngolisa
Boahi ka matsoalo motho a ka bonkeloa fa bo fumangoe ka bomenemene, mabaka a
leshano kapa ho sa boleloe ha mabaka a mangoe.
Boahi ka ho ngolisa bo ka nkeloa motho fa bofumanehile ka bomenemene, mabaka a
leshano kapa ho pata tselingoe litaba tse bohlokoa ho ngoliseng; kapa e le hore
ka nako ea ntoa, motho eo ka tlulo ea molao o thusitse sera a se fa melaetsa,
kapa o amana le besemose e thusaneng le sera sa Zimbabwe ntoeng eo.
Boahi bo ka se nkeloe motho eo a tlo salang a se na lefatse moraho ha seo.
Lefapha la tsa boahi le tsa bochaki le tsoanetse ho hloloa ke Paramente ho
sebetsa mesebetse ea tsa boahi le li phemete.
P age 4
KHAOLO 4
Totobatso ea litokelo (likaroloana 44 – 87)
Karolo 1
Litabana tse lingoe
Motho ohle le ‘Muso batlangoa ke Totobatso ea Litokelo.
Karolo 2
Litokelo le Litokoloho
Litokelo le li tokoloho tse bohlokoa ke tse latelang:
• Motho ohle o na le tokelo ea bophelo empa;
o Molao o ka lumela hore ho be le katlolo ea polao fa e le hore mothoo bolaile
ka tsela ea sehloho
o Katlolo ea polao e ka se roesoi motho oa mosali kapa motho eo a entseng
molato oa hobalaea a le ka tlase ha li lemo tsa ho tsoaloa tse 21 kapa anang
le lilemo tse fetang 71
• Motho ohle o na le tokelo ea tokoloho ea hae ebile a ka se:
o A ka se hlahleloe ntle le tsekiso kapa ho senyetsoa tokoloho ea hae
ka boithatelo kapa ho se na lebaka;
o A ka se hlahleloe teronkong fela ka hore o sitoa ho phethahatsa tse a
itlamileng kapa a ikaneng ho tsona;
• Batho ba tsoeroeng kapa ba hlahleloa ba letetse katlolo ba tsoaneloa ke ho:
o Boleloa molato eo ba qosoang ka ona;
o lumelloa ho buoisana le basali kapa banna ba bona, metsoalle kapa molokisi
oa linyeoe ka tsenyehelo ea chelete e tlo lefjoang ke ‘Muso;
o buoa lekunutung le loeara ea bona le ngaka ea boikhethelo empa ke
tsenyehelo ea chelete ho bona;
o tsoaroa ka tsela e nang le serete sa botho;
o fa ba sa emetse tsekiso ba lokolloe ho sena mekhoanyana e mengata kapa
ho hloloe mekhoanyana e bobebe;
o e misoa pele ha khotla ea molao hare ha li ora tse 48;
o feoa monyetla oa ho e thatullela ka ho tsoaroa le ho hlahleloa ha bona ka
sebele khotleng ea molao;
o ba le tokelo ea ho tsitsa le ho tsebisoa ka tokelo e na;
o ba se ke ba tsoaroa ka matla ho lumela molato;
P age 5
o ba le tokelo ea puisano le ho e telloa ke mosali;
monna,molekane, metsoalle, moruti eo ba mokhethang kapa motho mang le
mang;
o sekisoa ka nako e tsoanetsing kapa ho khololoa ho e sena kemiso.
Motho mang le mang a ka etsa kupo khotleng e holo hore motho a hlahlatsoeng
a lokolloe fa a se molato le fa motho a tlile a nyamela moraho ha ho tsoaroa ha hae, a
se sa bonahala.
Motho ea tsoeroeng ka qoso ea lefela o tsoanetse ho neoa tefo e leng poseletso
ea qoso ena ke eo a baketseng ho tsoaroa ha hae a se molato.
Motho ohle ona le seriti sa ho hlompheha ebile o na le tokelo ea ho re a hlomphehe.
Motho o hle o na le tokelo ea tsireletso ea hae e akaretsang tokelo ea ho e tsa seo a se
khupolang ka tsa ho tsoala le tokelo ea ho re a se ke a ba le mofo ka ho sebelisoa ho
lihlahlobo tsa saense.
Ha ho motho a tsoanetseng ho tsoaroa ka lonya, ho utloisoa bohloko,ho tsoaroa ka
tsela e senang botho kapa a otloa ka tsela e senang botho.
Ha ho motho a tsoanetseng ho tsoaroa, ho etsoa lekhoba lekhabunyane, mohlankana
kapa ho tsoaroa ka matla ho sebetsa.
Batho bohle ba ea lekana pel’a molao e bile ohle motho o na le tokelo ea ho tsoroa ka
tsela e tsoanetsing e se nang khethullo.
Motho o hle o na le tokelo ea sephiri:
• metse ea bona, kapa thutu ea bona a e tsoaneli ho phenyekuloa ntle
le tumello ea bona.
• thutu ea bona e ka se nkoe;
• li polelisano tsabona tsa sephiri li se fapantsoe;
• tsa bophelo ba bona li se boleloe phatlalatsa.
Motho o hle o na le tokelo le tokoloho ea ho kopana e bile ha a tsoaneli ho tsoaroa ka
matla ho:
• ba leloko la mokhahlo; kapa
• kena mokopano kapa phutheho;
Motho ohle o na le tokelo ea tokoloho ea le letsoalo ebile a ho na motho a
tsoanetsing ho qobeloa ho ikana ho seo se seaneng le tumelo ea hae.
Motho ohle o na le tokelo ea tokoloho ea ho buoa joale ka aikutloa, ho akaretsang:
• tokoloho ho tsamaiso ea litaba;
• ho tsireletsa mabitso a batho ba fanang ka litaba ho boralitaba
P age 6
• tokoloho ea ho hlola lipapatso le tsengoe lisebelisoa ho phatlalatsoeng ha
litaba le ho tsamaisa melaetsa fela ba feoa li laesense ke ‘Muso.
Empa ha, tokoloho ea ho buoa le tokoloho ea tsamaiso ea phatlalatso ea litaba ha e
akaretse khothatso ea ho tsusa meferefere, tlotloetso ea melaetsa ea lehloeo le lipolelo
tsa ho supa hloeo, ho senya lebitso le botumo joa motho kapa seriti sa botho ba hae
kapa ho senya ka boomo liphire tsa hae.
Moahi ohle kapa moluli oa ka mehla o na le tokelo ea ho finyella litsebiso tse tsoang
ho ‘Muso kapa lefapha la hurumente mo tsebiso e batleha ho laola maitsoaro
le maikarabelo a sechaba.
Motho ohle o na le tokelo ea ho finyella tsebiso e leng mothong kapa ke mang, haholo
fa e leng molaetsa oa ho sireletsa tokelo e re leng.
Motho o hle o na le tokelo ea ho sebelisa puo ea hae le ho latela mekhoa ea setso seo a
se ratang.
Motho ohle o na le tokelo ea ho khetha le ho etsa tsa bo rutehi, khoebo, kapa
ka mosebetsi oa ho rutela o motho a o etsang ka taolo ea molao.
Motho ohle o na le tokelo ea ho sebelisoa ka tsoanelo le ho sebetsa ntle le kotsi le ho
pateloa ka tsela e a mohelehang.
Motho ohle, kantle ha ba tsamaiso ea tsa tsireletso, o na le tokelo ea ho ba le ho kena
kopano ea tsa tsamaiso e emelang ba sebetsi a e ratang, tokelo ea ho supa ngongoreho
le ho hlopha.
Banna le basali bana le tokelo ea ho pateloa ka mo ho lekanang ho mesebetsi
e tsoanang
Motho ohle o na le tokoloho ea tsitsinyo, tokelo ea ho kena Zimbabwe,tokelo ea ho se
tebeloi ho kena Zimbabwe,tokelo ea ho fumana pasipoti kapa a mangoe mangolo a ho
tsamaisa, le hore motho ohle o na le tokelo ea ho sisinya a lokolohile Zimbabwe, ho
lula mo a ratang Zimbabwe le ho tloha Zimbabwe.
Moahi o hle o na le tokelo ea:
• Likhetho tse lokolohileng, tse amohelehang e bile tse etsoang ka nako le
nako;
• khetha ka tsa politiki ba lokolohile;
• ho ba leloko la mokhahlo oa tsa politiki a o ratang;
• memela mokhahlo oa politiki a o ratang ka khotso hape a lokolohile;
• bouta ho likhetho tsohle le ho li referantamo;
• ema ho likhetho tsa li ofese tsa tsebeletso ea sechaba.
Motho ohle o na le tokelo ho tsamaiso ea molao.
P age 7
Motho ohle o na le tokelo ea ho finyella ho li khotla,tokelo ea ho sekisoa ka bonako e
bile ka tsela e tsoanetsing ho khotla e ekemetsing hape ka tsela e senang tsobotsi e
beiloeng ke molao le tokelo, ka chelete ea bona, ho khetha le ho e meloa ke molokisi
oa linyeoe.
Motho ohle a roesoang molato o na le tokelo ea:
• ho tsoaroa joale ka motho a se nang molato ho fihlela nako a fumanoang
molato ke moatluli;
• ho tsebisoa ka qoso a e roesoang ka nako;
• ho neoa nako e anelang ea ho lokisetsa boikarabelo;
• ho khetha le ho emeloa ke molokisi oa linyeoe oa boikhethelo a
sebelisa chelete ea hae;
• ho e meloa ke molokisi oa lenyeoe oa Mmuso ha ho bonahala ho re ho ka ba
le tsamaiso e sa etsoing ka toka;
• ho ba teng pel’ a khotla ka sebele ha a sekisoa;
• ho khanyetsa bopaki bo neoang kapa ho tsitsa;
• ho re tsamaiso ea molato a o roesoang e fetoleloe ho puo a e utloang;
• ho etsa apile ho khotla ea holimo ho hanana le qoso le katlulo a e filoeng.
Motho o hle o na le tokelo ho fumana, ho sebelisa le ho laola ka phahlo ea mefuta
eohle empa ho na le melaoana e hlotsoeng ka ha mobu oa temo.
Kantle ha tsamaiso ea tsa mobu,motho ohle o na le tokelo ea ho sa nkeloe thutu ea hae
kantle ha:
• ho e le ka lebaka la tatelo ea molato o e tseng o sebetsang har’ a sechaba;
• ho tsoanetsi fela ka thahaselo, tsireletso ea sechaba, polokeho ea sechaba,
tolahanyo ea sechaba; bjll, bjll;
• molao o laola hore lefapha le tsamaisang tsebeletso ea ho nka mobu
e tsebise ka nako hore e tlo nka phahlo ebile e patele poseletso
e khotsofatsang;
• molao o fa motho anketsoeng phahlo ea hae matla a ho etsa kupo khotleng
fa e le hore o khanyetsa ho nkeloa mobu oa hae, a batla ho fumana bomolao
joa ho nkeloa mobu le fa a sa khotsofale ka poseletso e entsoeng.
P age 8
Motho ohle o na le tokelo ea ho ba le phahlo ho akaretsa le mobu. Mmuso o ka nka
mobu oa temo oa ho :
• lulisa batho hore ba qhobe mananeo a tsa temo;
• tokiso ea mobu;
• ho lulisoa lesoa ha batho;
le ho re :
o a ho poseletso e ka etsoang kantle fa ho pateloa li ahoa tse li leng mobung,
fa e le hore mobu o nkiloe ho moahi oa Zimbabwe ka hlaho, kapa naha e
tsirelelitsoe ke tumelloano le lengoe lefatse, poseletso e tletsing e a pateloa;
o a hona motho o ka sekisang ho nkioa ha mobu khotleng kantle ha e le ho re
ke ngongoreho ka poseletso ea li ahioa;
o tsamaiso ea ho nkioa e ka se ke ea sekisoa ka le baka la ho re e ne e na le
khethullo;
Mobu oa temo o nkiloeng ka nako ea lenaneo la ho nkioa ha mobu kapa o beetsoe ho
nkioa pele ha ho sebetsa ha Molaotheo ona o tlo lula o le matsohong a ‘Muso ebile a
hona poseletso e tlo etsoang kantle fa e le ea li ahioa tse entsoeng pele o nkioa.
Ho nkeng mobu oa tsa temo hore ho lulisoe batho ba Zimbabwe ho ile ha lebelloa tse
bohlokoa, tse reng, batho ba Zimbabwe ba nketsoe mobu oa bona ho seng ka toka ka
nako ea puso ea ba hloaeli; ebile batho ba Zimbabwe ba nkile lihali hore bafumane
mobu oa bona ebile ka seo ba tsoanetsi ho thusoa ho beakanya lesoa litokelo tsa bona
ebile bathole ho laola mobu oa bona.
Mmuso oa bohloaeli; e seng hurumente ea Zimbabwe, e tlamehile ho patela poseletso
ea mobu oa temo o nkiloeng ho re batho bafumane bolulo.
Motho ohle o na le tokelo ea:
bolulo bo seng kotsi bophelong ba bahae;
hore tulo e bolokehe ka tsireletso hore e tlo khona ho ba molemo hosasa
Moahi ohle le molule oa ka mehla o na le tokelo ea ho fumana thuto ea pele a thusoa
ke ‘Muso
Motho ohle o na le tokelo ea ho semolla le ho tsamaisa; ka tsenyehelo ea chelete ho
ena, likolo tsa thuto tse tsoanetsing; empa ha ba tsoaneli ho khethulla ka ho
sa lumelloeng ke Molaotheo o na.
Moahi ohle le moluli oa ka mehla o na le tokelo ea ho finyella tsa kalafo ho akaretsa
tsa ho tsoala le maloetse a sitang kalafo.
Ha ho motho a tsoanetsing ho thibeloa hore a fumane kalafo ea potlako lipetleleng
Motho ohle o na le tokelo ea ho fumana lijo tse lekaneng le tse hloekileng le metsi a
hloekileng.
Motho ohle oa mengoaha e leng 18 o na le tokelo ea ho ba le pholi e bile ha tsoaneli
ho tsoaroa ka matla ho re a tsene lenyalong.
Batho ba botsehali le botona bo botsoanang ha ba tsoaneli ho nyalana.
P age 9
Karolo 3
Litokelo tse le o kelitsoeng
Motho o hle oa mosali o na le seriti se lekanang le sa monna ho a karetsa le ho tsa
politiki; tulisano le khumo.
Basali bana le litokelo tse tsoanang le tsa banna ka ha holiso ea banna
Melao eohle e akaretsa le ea setso e senyang tokelo tsa basali a e sebetsi.
Ngoana ohle o na le tokelo tse latelang:
tokelo ea ho tsoaroa ka tsela e tsoanang pel’ a molao, ho akaretsa le tokelo
ea ho re ba utloioe;
tokelo ea ho neoa lebitso le sefane;
ho neoa lengolo la ho tsoaloa ka pela;
tokelo ea hoba leloko la phole le hlokomelo e tsoang ho batsoali;
ho sireletsoa ho tsa khumo le hlokofatso ka tsa thobalano;
ho se sebelisoe ho tsa bosole le bosenyi ka tsebeliso ea lihale;
ho se qobelloe ho amana le tsa politiki;
ho se hlahleloi kantle ha ho ba ho e sena se ka e tsoang.
Batho ba baholo ba mengoaha e fetang e mashome a supileng bana le tokelo ea ho:
fumana thuso ho ba leloko le ho mmuso;
ho fumana thuso ea chelete ka tsela ea tsamaiso ea tsireletso le hlokomelo
ea tulisano;
Batho ba kholafetsing ba tsoanetsi:
ho thusoa ho khona ho e thirela;
ho thusoa ho phela le ba le loko le ho tsoareha ho tsa lipapali le boikhutso;
ho sireletsoa ho hlokofatso;
ho neoa sebaka sa ho finyela kalafo ea tsa bophelo, khopolo le tsengoe;
linatla tsa ntoa ea tokoloho, ho e le hore, bale ba e leng ba hlabana ntoeng
ea tokoloho, ba thusitseng ho loaneng le bale ba ileng ba hlahleloa literonkong ka
nako ea ntoa ea tokoloho ba tsoaneloa ke tlotliso ka mosebetse ba o entseng ho
lokololeng lefatse la Zimbabwe ebile ba tsoaneloa le ka thuso ea tsoanelo ho tsohle tsa
bophelo le ho finyella tsa kalafo.
Karolo 4 le 5
Peakanyo le li fokotso
Motho mang le mang ka boikemelo kapa a emetse motho e mongoe o na le tokelo ea
ho kupa khotla hore e thuse ho latela taolo ea lingoe litokelo.
Litokelo le litokoloho tse bohlokoa litsoanetsi ho etsoa ho hlokomeloa litokelo tsa ba
ba ngoe.
P age 10
Tokelo tsa batho le ka fokotsoa fela ka molao o sebelisoang mo ho tsoanetsing
o loketsing sechaba se se lokolohileng.
Ahona molao o ka fokotsang:
tokelo ea bophelo kantle ha ho le katlulo ea polao ka tsela ka ha molao ona;
tokelo ea hlompho ea botho;
tokelo ea ho se hlokofatsoe le ho tsoaroa ka tsela e se nang botho;
tokelo ea ho se esoe katlase ha bokhoba;
tokelo ea ho sekisoa ka tsela e tsoanetsing;
tokelo ea ho fumana taelo ea ho tsebisa ka motho a hlahletsoeng teronkong.
Ka nako ea moferefere har’ a sechaba; litokelo le litokoloho tse bohlokoa; kantle ha
tse boletsoeng pele li ka fokotsoa ka molao.
Ho tlola molao ka nako ea moferefere ho tlo bakela qoso le tsekiso le ho
nkeloa mahato ka se molao, ebile ha ho motho a ka sireletsoang ke molao kapa o fe fa
a entse jena.
KHAOLO 5
Bookameli (likaroloana 88 – 115)
Karolo 1
Matla a bookameli
Matla a bookameli a tsoa ho batho e bile a tsoanetsi ho e tsoa ka tsamaiso ea
Molaotheo ona.
Matla a bookameli a beiloe ho Mookameli a oa sebelisang ka kabenete ka taolo ea
Molaotheo o na.
Karolo 2
Bookameli
Mookameli ke ena Moeteleli oa ‘Muso le Hurumente le Molaoli oa Masole .
Mookameli o tsoanetsi ho:
Latela,sireletsa, ho thobela le ho hlompha Molaotheo le molao;
Ho thuthuhisa tsoarano le khotso lefatseng;
hlokomela le ho hlompha tse bohlokoa tsa ntoa ea tokoloho;
ba le nnete ho re ho na le tsireletso tsa litokelo le litokoloho tse bohlokoa
le taolo ea molao;
hlompha batho ka ho farohana ha bona le li khaolo tsa Zimbabwe
Motho a leng moahi oa Zimbabwe ka ho tsoaloa kapa ka leseka, a le mo bouti
ea ngolisitsoeng,ana le mengoaha e leng 40 e bile a le moluli oa Zimbabwe o
na le tsoanelo ea ho kena ho likhetho hobane a be Mookameli kapa
Motlatsi oa
Mookameli.
P age 11
A emang ho khetho tsa Mookameli o tsoanetsi ho khetha batlatsi ba babeli.
Nkhetheng a sa khotsofala ka litsoello tsa li khetho tsa Mookameli kapa motlatsi oa
Mookameli a ka etsa kupo ho khotla ea Molaotheo, ebile khotla ena etsoanetse
ho lekola taba ena hareng ha matsatsi a 14.
Nako ea ho sebetsa ea Mookameli ke li themu tse peli tsa mengoaha e mehlano.
Mookameli kapa Motlatsi oa hae baka ema mosebetse.
Mookameli kapa Motlatsi oa hae baka e misoa mosebetsi ka mabaka a latelang:
Ho senya tsamaiso ea mosebetsi;
ea ho e tsa tse fapaneng le Molaotheo;
ho senya tsamaiso ea Molaotheo ka boomo;
ho sitoa ho e tsa mosebetsi ka baka la hobalo kapa ho se sebetse hantle ha
khopolo ea hae.
Mookameli ha a roesoe melato ha a sa le mosebetsing ka liketso tsa hae ka sebele ho
fihlela nako a tloha ho ba Mookameli;
Ha Mookameli a ka shoa, a e ma mosebetsi kapa a emisoa Motlatsi oa hae oa pele o
semolla mosebetsi ho fihlela nako ea Mookameli oa pele e fela;
Karolo 3
Li Ministara, Batlatsi ba li Ministara le Kabenete
Mookameli, a hlokomela likhaolo tsohle le botona le botsehali, o bea liMinistara le
Batlatsi ba bona a khetha ho maloko a Paramente. Ba palo e ka fihlang 5 ba khethoa
ntle ha Paramente ho lebiloe thuto le tsebo ea bona.
Kabenete e na le boikarabelo joa ho laola tsepiliso ea mesebetse ea hurumente,
ho qhoba mesebetse ea hurumente ho Paramente, ho lokisa tsa molao oa
sechaba le lemosa Mookameli.
Karolo 5
Molaoli oa linyeoe
Ho na le Molaoli oa linyeoe e leng molemose oa Mookameli le Kabenete ho
tsa molao ebile o tholoa ka takatso ea Mookameli.
Litsekiso tsohle li bile li tlo laoloa ke lefapha la tsa qhobo ea litsekiso le etelloang ke
Mosekisi-Moholo.
P age 12
KHAOLO 6
Lekhutla la taolo ea lefatse le ho busa (likarolo 116 – 117)
Karolo 1
Matla a tsebeletso ea taolo ea lefatse le ho busa
Le khutla la pupo ea molao le bupioa ke Paramente le Mookameli.
Matla a ho sebetsa a Paramente a tsoa ho batho ebile:
A neela lefapha lena la taolo lepupo ea melao ho lokisisa Molaotheo ona;
ho bupa melao ea ho laola ka khotso,taolo le puso e ntle.
Ho fa matla a ho bopa melao ho mangoe mafapha.
Karolo 2
Paramente
Paramente
e akaretsa Senete le Seboka sa Sechaba;
tsoanetsi ho sereletsa Molaotheo le ho thuthuhisa puso e lokolohileng;
e na le matla a ho khopeletsa tatelo ea Molaotheo.
Mafapha ohle a Hurumente ana le maikarabelo ho Paramente.
Karolo 3
Senete
Senete e akaretsa maSeneta a leng 80 ba leng hore :
ba leng 6 ba khethoa ho purofense e ngoe le e ngoe ka tsela ea boemeli bo
lekanang;
ba ba 16 ke li khosi e leng hore ka bababeli ba khethoa ho tsoa ho liboka tsa
likhosi tsa li Purofense kantle ha li Purofense tsa litoropo tsa Bulawayo le
Harare.
ba babeli ke Mookameli le Motlatsi oa Kansele ea Sechaba ea Likhosi;
ba babeli ba khetheloa ho emela batho ba holofetsing.
Ma Seneta a khethiloeng ka boemeli ba ho lekana a tsoanetsi ho khethoa a tsoa ho
mekhahlo ea tsa politiki ho ea ka li bouti tse entsoeng ho bo nkhetheng ba emetseng
mekhahlo ea bona ho likhetho tsa maloko a Seboka sa Sechaba ebile banna le basali
bangotsoe mabitso ka ho latela mosali monna mosali monna, lengolo lohle la mabitso
le qala ka lebitso la mosali.
Senete o tsoanetsi ho ba a ngolisitse ho bouta e bile a be le mengoaha e fihlang e leng
40, senate a leng khosi o tsoanetsi ho oketsa a be khosi, Senete a emelang batho ba
holofetsing o tsoanetsi ho ba motho a holofetsing.
Motho o thibeloa ho e ma ho likhetho tsa li Senete ha a e le a tebeloa ho ba mo bouti
kapa o siile bolulo ba paramente mengoaha e leng 5 e lateloang ke li khetho
ka moraho ha ho fumaneha a le molato o mongoe kapa e le hore ke leloko la
Paramente.
P age 13
Mookameli oa Senete le Motlatsi oa Mookameli oa Senete ba laola tsepiliso ea
Senete.
Karolo 4
Seboka sa Sechaba
Seboka sa Sechaba se akaretsa:
• Maloko a leng 210 a khethiloeng ka tsamaiso ea sephiri ho tsoa ho
likhaolo tse 210 tse Zimbabwe e arotsoeng ka tsona; le hore
• Ho le Paramente tse peli tsa pele moraho ha ho re Molaotheo o o
sebelisoe, ho tla oketsoa maloko a leng 60 a basali, batselela ba tsoa
ho purofense e ngoe ka e ngoe, ka tsamaiso e abo emeli bo lekanang
bo seameng ho le bouti tsa bao ba emetsing mekhahlo ea lipolitiki ho
likhetho tsa maloko a likhaolo ho le purofense.
Libatlehi tse tsoanang ho lumella le ho khanyetsa peo ea li Senetha ke tsona
tse lateloang mona kantle ha li lemo, e leng hore fa ke tse 21.
Sebuoi le Motlatsi oa Sebuoi ba okamela Seboka sa Sechaba.
Karolo 5
Nako ea ho sebetsa ha Leloko la Seboka sa Sechaba
Ho tlohela setulo sa boleloko joa Paramente bo thlalositsoe kabophara ke Molaotheo
ebile ho akaretsa; ho fetola boleloko joa mokhahlo, ho ema ka ho tsebisa ho lesa ho ba
setho sa seboka, ho qosoa ka molato, le ho fumaneha molato ho tsa likhetho.
Karolo 6
Matla a Paramente
Paramente e na le matla a ho semola, ho lokisa, ho hlokomela kapa ho lahla molao le
ha o le o fe.
Taolo ea molao oa Paramente o sebelisoa ka tsamaiso ea molao oa Paramente.
Tsamaiso ea ho pasa molao molao o hlalosoa ka botlalo ho lelana la bohlano.
Paramente e ka ne ea matla a ho bupa melao.
Karolo 7
Tsamaiso ea Paramente
Moholo oa Paramente ke Sebuoi, sa Senete ke Mookameli oa Senete.
Thlelereke oa Paramente ke e na e Moholo oa Tsamaiso ea Paramente e bile o na le
sebaka se fokotsoeng sa ho sebetsa se leng mengoaha e tseletseng e ka oketsoang ha
ngoe fela.
Karolo 8
Nako le ho emisoa le ho lula ha Paramente
Paramente e khetheloa ho sebetsa ha nako e lekanang mengoaha 5 e bile e emisoa ha
ho setse letsatsi le lengoe ho re ho be le likhetho.
P age 14
Paramente e ka ba le tumeleloano ea ho ba e emisoe ebile Mookameli o tsoanetse ho e
emisa.
Ha Paramente e ka hana ho lumela ‘Molao oa Kabo ea chelete’, Mookameli a ka e
emisa empa ho e misoa ha teng ho ka sekisoa ke khotla ea Molaotheo ka lengolo le
ngoliloeng ke le fe kapa le fe leloko la Paramente.
Ho tsamaiso e amohelehang, Mookameli o tsoanetsi ho memela likhetho ha re
ha malatsi a leng 30 ho e so ho fihla nako ea ho emisoa ha Paramente.
Likhetho tse etsahalang ho latela ho e misoa ha Paramente e seng ka nako ea ho fela
ha sebaka sa ho sebetsa ha eona, litsoanetsi ho etsoa ha re ha matsatsi a leng 90
e emisitsoe.
Mookameli o tsoanetsi ho lemosana le Komeshene ea likhetho ha a lokisa malatsi a
likhetho le ha e le li fe.
Ho qala ho lula ha Paramente ho etsahala ho matsatsi a leng 90 moraho ha Mookameli
a semolotse mosebetsi.
E ngoe le e ngoe ntlo ea Paramente e laola mekopano ea eona, empa Mookameli a ka
mema maloko a Paramente ho re a etse mosebetsi o bohlokoa e bile a ho tsoanelo hore
ho fete matsatsi 180 lintlo tsena li sa lule.
Baokameli ba Paramente le maloko a Paramente bana le tokoloho ea ho buoa
ka boithatelo Paramente ebile ha ba molato ho tsohle tse ba li buoang Paramente.
Baahi ba ka etsa likopo tsa se seng Paramente.
KHAOLO 7
Likhetho (Likarolo 155 – 166)
Karolo 1
Tsebeletso le Tsamaiso ea Likhetho
Tsamaiso ea likhetho e tsoanetsi ho e tsoa ka khotso, tokoloho le ka tsela e
amohelehang, ho boutoe sephiring, ka tumello letsoanelo ea motho ohle a
holileng ebile a lokela ho bouta le ho lekana ha li bouti, ebile ho e sena ho loantsana.
Komeshene ea Likhetho e tsoanetsi ho ba le nnete ho re:
• tsamaiso ea ho bouta e bobebe,e nepehile, e na le bo nnete,e na le
tsireletso hape e etsoe pepeneneng;
• litsoelelo tsa li khetho kapa tsa lireferentamo litsoanetsi ho
phatlalatsoa ka pela ka moraho ha o tsoaleloa ha mong ho
bouteloang.
• meferefere le tsohle tse ‘mpe ka nako ea likhetho a li batlehi,
• tse l i sebelisoang ho tsamaiso ea likhetho le tsoanetsi ho
bolokeha.
Mmuso o tsoanetsi, ka ho sebelisa molao le tse lingoe li tsela, o be le ‘nete ea ho re:
• bohle baahi ba tsoanetsing, katlase ha tsamaiso ea karolo 4 ba
ngolisitse ho bouta;
• moahi ohle oa Zimbabwe a loketseng ho bouta o tsoanetsi ho neoa
sebaka sa ho bouta;
P age 15
• mekhahlo eohle ea lipolitiki le baemeli ba bona bana le tsoanelo
ea ho finyella tsohle tse li sebelisoang le tsebo hobane batle
batsebe ho tsoareha ka botlalo;
• mekhahlo eohle ea lipolitiki le bo nkhetheng batsoanetsi ho
finyellela tsa tsamaiso le phatlalatso ea melaetsa, e leng mechene
le ho lipampere tsa ‘muso le tsa boikemelo;
• lintoa ka nako ea likhetho litsoanetsi ho fetsoa ka pela;
Molao ka likhetho o tsoanetsi ho ne e , ha re ha tse lingoe;
• karolo ea likhaolo le liwati e tsoanetsi ho e tsoa ka nako le nako;
• ho ngolisa ha ba bouti;
• tsamaiso ea molao ea mekhahlo ea le politiki le ba emeli ba teng;
• tsela ea boemeli ba ho lekana ho tlatsa bolulo Paramente bo
tsoanetsing ho tlatsoa ka mabaka a rotsoeng;
• khetho ho Senete ea batho ba holafetsing;
• khetho ea boemeli e tsoanetsi ho etsoa ho matsatsi a leng
14 moraho ha khetho e bile a ho tsoaneli ho ba katlase ha
malatsi a leng 30 ho eso ho be le likhetho;
• a ho se ka fetoloang ho molao oa khetho kapa ho melaoana ho se
na taolo ea Komeshene ea Likhetho;
• ka moraho ha tsebiso ea khetho, ho fetoloa ha Molao oa Khetho
kapa melaoana, ha o se na ho sebetsa ka nako ea teng.
Karolo 2
Nako ea khetho
Khetho e tloaelehileng e tsoanetsi ho e tsoa ;
• ho e so ho feti malatsi a leng 30 ka moraho ha ho e misoa ha
Paramente kapa nako ea ho sebetsa ha eona ho e so ho feli;
• ha re ha malatsi a leng 90 ka moraho ha kemiso ho latela bouti ea
ngongoreho ka hurumente;
Khetho e tloaelehileng ho lipuso tsa likhaolo e tsoanetsi ho e tsoa ka nako e ngoe le ea
bookameli le maloko a paramente;
Khetho tsa ho tlatsa le tsoanetsi ho e tsahala ha re ha malatsi a leng 90 ha o bile ho ne
bolulo bo se nang moemeli kantle ha o ile ha e tsahala ha re ha li khoeli tse 9ho e so
ho be le khetho e tloaelehileng,mong bolulo bo se nang moemeli bo sala bo se na ho
tlatsoa ho fihla ka nako ea khetho e tloaelehileng;
Khetho tsohle tsa bolulo ba le ofese tse tsoanetseng ho khetheloa boemeli katlasi ha
Molaotheo e tsoanetsi ho e tsoa ha re ha matsatsi a leng 90.
Karolo 3
Arohanyo ea likhaolo tsa khetho
Ho re ho be le likhetho tsa Maloko a Paramente, Komeshene ea khetho e tsoanetsi ho
a rohanya Zimbabwe e be le le khaolo tse fihlang ho 210 le ho khetho tsa baemeli ba
P age 16
lipuso tsa likhaolo ho tsoanetsi ho a rohanyoa ka li wati ho lumelelane le taolo ea
Molaotheo.
Arohanyo ea likhaolo e tsoanetsi ho e tsoa nako eohle kamoraho ha mengoaha
e leshome kanako e latelang tsamaiso ea palo ea batho.
Tsamaiso ea arohanyo e i le ea e tsahala ho e so ho feli khoeli tse 6 pele ha tsamaiso
ea ho bouta a ho tsoaneli ho sebetsa ka nako ea khetho ea nako eong.
Repoto ea tsamaiso ea arohanyoe tsoanetsi ho roloa Paramente ke Mookameli ebile le
Komeshene ha ho ka ba le tse roloang ke Paramente ho e so ho be le repoto ea mafello
le mehopolo ho litaba tse lingoe ha e sa fetoloa.
Mookameli o tsoanetsi ho re ha re ha matsatsi a leng 14 a amohetsi repoto,a
phatlalatse mabitso le likhaolo le liwati ho lateloa taolo ea Komeshene.
KHAOLO 8
Tsa Molao le tsa likhotla (162 -193)
Matla a taolo ea tsa melao atsoa ho batho, ‘me a beiloe holimo ha likhotla, tse, Khotla
ea Molaotheo,Khotla ea Lingongoreho,Khotla e kholo ho tsona tsohle,Khotla ea
Tsamaiso ea tsebeletso ea litaba le li rekoto tsa sechaba,Khotla ea Maseterata,khotla
ea tsamaiso ea Setso le tulisano ea batho le tse lingoe likhotla tse bupiloeng
ka melaoana ea Paramente.
Tona- holo ea Baatluli, Motlatsi oa Tona-Holo, bangoe baatluli ba likhotla le batho
balulang likhotla tsa bo maseterata le tsa, setso le tulisano ea batho kaofela ba bitsoa
lefapha la tsa molao, jutesheare.
Likhotla le sebetsa ka boikemelo ebile lisebetsa katlase ha Molaotheo , ebile
boikemelo bona bobohlokoa ho tsamaiso ea molao ka toka le puso enang le
temokerase.
Mmuso o tsoanetsi ho sireletsa likhotla
Maloko a tsamaiso ea molao a tsoanetsi ho laoloa ke tse latelang:
• ho re toka e tsoanetsi ho sebelisoa ka tsela e tsoanang ho motho o hle,
• ho re toka e sebelisoe ka nako;
• ho re tsebetso ea likhotla e bohlokoa ho sireletsa tokelo le litokoloho tsa
botho le tsamaiso ea molao;
Maloko a toka ha a tsoanelo ho tlameha ho liketso tsa mekhahlo ea lipolitiki kapa ho
amohela li mpho,ba tsoanetsi ho tlameha ho mosebetsi oa bona le ho ba le tsebo ka
tsoelopele tsa molao;
Khotla ea Molaotheo ke eona khotla e fetang tsohle ho tsamaiso ea litaba tsa
Molaotheo;
Khotla ea Lingongoreho ke khotla ea li rekoto le khotla ea bofello ea li apile ea
Zimbabwe, kantle ha litaba tse tsoanetseng ho laoloa ke khotla ea Molaotheo;
Khotla-holo ke khotla ea holimo ea li rekoto;
Khotla ea tsa mesebetsi le Khotla ea tsebeletso ea litaba le lirekoto le tsona ke likhotla
tsa lirekoto.
P age 17
Matla le ho bupeoa ha likhotla tsa bo maseterata le likhotla tsa, setso le tulisano li ka
tlhalosoa ho Molao oa Paramente.
Karolo 2
Ho beoa le Nako ea ho Sebetsa
Motho ea tsoanetsing ho ba Moatluli oa li khotla tsohle, nako ea bona ea ho sebetsa le
tsela ea ho ba khethela mosebetsi kapa ho ba emisa li hlalosoa ka botlalo ho
Molaotheo.
Mengoaha e amoheloang ho re motho a tsoanele ho khetheloa mosebetsi oa ho
ba Moatluli ke ho re o tsoanetsi ho ba a i le a sebetsa a le moatluli ha mengoaha e
leng 7 e bile, empa e tloba 10 a tlo sebetsa a le Moatluli oa khotla ea lingongoreho,
ea tloba
12 a sebelitse ho ba moatluli oa khotla ea lingongoreho hore a tlo tseba ho ba moatluli
oa khotla ea Molaotheo.
Baatluli ba tlo khethoa ka tsela e latelang:
• phatlalatsa mesebetsi;
• ho mema Mookameli le sechaba ho tlisa mabitso a batho ba batlang hore ba
e be baatluli;
• ho entsoe lihlahlobo tsa bona pepeneneng pel’ a sechaba;
• ho lokisoe lenaneo la mabitso a batho ba bararo ba ho sebetsa ofeseng;
• ho esa mabitso ho Mookameli ho re a khethe le ho bea.
Baatluli ba khotla ea Molaotheo ba hlola mengoaha ea ho emisoa ha Baatluli
mosebetsing, ho khetheloa mosebetsi oa mengoaha e leng 15 e sa oketsoing. Baatluli
ba khotla ea lingongoreho le khotla e holo ba sebetsa hofihlela ba ba le mengoaha e
leng 70.
Moatluli a ka emisoa mosebetsi fela ha:
• a sitoa ‘meleng ho sebetsa kapa a loala khopolong;
• a sa tsebe ho etsa mosebetse oa hae ka tsela e leng pepeneneng;
• ka maitsoaro a ma be mosebetseng..
Moatluli o emisoa ka taelo e tsoang ho bahlahlobe ba mosebetse oa hae ba beoang ke
Mookameli ho etsa seo ebile batsoanetse ho ba ba bararo.
Mookameli o tlameha ho latela temoso le taelo ea bahlahlobe bana.
Karolo 3
Komeshene ea tsa Tsebeletso ea Molao
Lefapha la tsa tsebeletso ea molao la Jutesheare le tlo lebelloa ke Komeshene
ea maleba ebile e etelloa ke Tonaholo ea Boatluli.
Ho bupjoa ha eona ho hlalositsoe ka botlalo ho Molaotheo.
Ho sebetsa ha eona ho akaretsa:
• ho lemosa hurumente ho litaba tsa tsamaiso ea molao;
P age 18
• thuthuhiso ea boikemelo le boikarabelo ba molao le tsamaiso ea molao
e sebetsang ka tsela ea bohlale e bile e se nang tsobotsi;
• ho bupa melao ea jutesheare.
Komeshene e tsoanetsi ho etsa mosebetse oa eona ka toka le ka mokhoa o
bong pepeneneng.
KHAOLO 9
Taolo ea Qhobo ea Mesebetsi ea Sechaba le Boeteleli
(Karolo 194-198)
Khaolo e na e laola qhobo ea mesebetsi ea tsamaiso ea sechaba. Litaolo tse li anetsa
hurumente le mafapha a eona ohle, balaoli ba likhaolo, likampani tsa hurumente
le likhaolo tse li sebelisanang le eona le batho ba sebetsang ho mafapha a sechaba ana.
1 Tsebohlokoa
Ho tsamaiso ea sechaba, tse latelang li tsoanetsi ho hlokomeloa ka nako tsohle:
• tse bohlokoa tsa temokerase tse tlhalosoang ke Molaotheo ona;
• boithuti le kemiso tsa boitsoaro;
• bokhone le khumo;
• ho emela ‘nete le tekano;
• karabo ea potlako ho tse hlokoang ke batho;
• tsamaiso ea litsebeletso e finyellehang, e pepeneneng le boikarabelo ebile
lokisisa lihlokoa tsa tsoelopele;
• kamano ea sechaba ho bupjoeng ha melao.
• pele ho tsoanetsi ho thuthuhisoa tsa melaoana ea ho tsamaisa qhobo ea tsa
mesebetsi e tlo holisang mesebetsi, ho rutoa mesebetsi le lithuthuhiso tse e
thehileng ka bokhone le farohano ea sechaba, empa botsoaneli bo tla pele.
• Ho lekana ha banna le basali le ho akaretsa batho banang le bohole (karolo
194)
2
Mafapha le likampani tsa hurumente
Likampani tsa hurumente litsoanetsi ho sebetsa ka tsoelopele li be le lipurofete ebile li
laoloe ke molao oa taolo ea li kampani.
Tsa ho reka le ho thola lisebelisoa litsoanetsi ho etsoa ka tsela ea botsepehi le
ka hlolisano
3
Baeteleli le basebetse li ofeseng
Baeteleli le ba le ofese tsa sechaba ba e tsa mosebetsi ho khutsa sechaba. Maitsoaro a
bona a tsoanetsi ho sepelelana le Molaotheo.Ba tsoanetsi ho hlompha batho, ba se ke
ba ba busa empa ba tsoanetsi ho ba sebeletsa.
P age 19
4 Ba holo ba li ofese
Nako ea ho sebetsa ha ba holo ba le ofese tsa mafapha le likampani tsa hurumente ba
ka fokosetsoa nako ho sebetsa ke molao
5 ho sebetsa ha melao ea maitsoaro
Molao o tlo ruloa o reng:
Ba sebetsang li ofeseng tsa sechaba ba tsoanetsi ho tsebisa ka phahlo kapa khumo ea
bona;
Thlalosang melao ea maitsoaro
Beakanyang boitsoaro le taolo e tsoanetsing ea mafapha le likampani tsa hurumente.
KHAOLO 10
Tsebeletso ea sechaba (karolo 194 – 205)
1 Tsebeletso ea sechaba
Maloko a tsebeletso ea sechaba ke batho ba bahiriloeng ke Hurumente.
Kantle ha mapolesa, masole, ba literonko, maloko a jutesheare le
basebetsang Paramente.
Ho tsamaiso ea mosebesi oa bona, basebetsi ba sechaba ba tsoanetsi ho:
ho latela Molaotheo;
ho sa retsa taelo tse li seng molaong;
Ho se latele tsa mekhahlo ea tsa lipolitiki;
Ho hlompha litokelo le litokoloho tsa batho bohle.
Ba sebetsi ba sechaba ha ba tsoaneli ho nka malulo ho mekhahlo ea
tsa politiki.
2. Komeshene ea basebetsi ba sechaba
Tsamaiso ea basebetsi ba sechaba etla laoloa ke Komeshene ea tsamaiso ea
basebetsi ba sechaba.
Maloko a komeshene ea sechaba ba tsoanetsi ho ba le boithuti bo tsoanelang
mosebetsi oa bona ho e tsa mosebetsi oa bo komeshene ebile ba khethoa ke
Mookameli.
Mosebetsi oa bona o akaretsa peo, melao le tsamaiso ea mosebetsi,ho lokisa
meholo,boitsoaro le hlolisiso ka lingongoreho tsa basebetsi ba sechaba.
Komeshene e lemosa hurumente ka litaba tsa tsamaiso ea mosebetsi
oa sechaba.
Ho beakanyeng meholo le tsela ea ho sebetsa basebeletsi ba tlo ba letokelo
ea ho bolelisana le mohiri oa bona.
P age 20
1
Ho bupjoa le maikarabelo a tsa tsireletso
Tsamaiso ea tsireletso ea sechaba e akaretsa masole, mapolesa, tsa
literonko, le tsa bohloli le tse lingoe tsa le tsamaiso tsa tsireletso tse
lumelletsoeng molaong.
maikarabelo a bona ke tsireletso ea lefatse ebile mosebetsi ona otsoanetse
ho etsoa ka tatelo ea Molaotheo le hlompho ea litokelo le litokoloho tsa botho.
Ba tsoanetsi ho hlompha tsamaiso ea molao.
3. Mangosa ho a mangoe mafatse
Baemeli ho a mangoe mafatse bakhethoa ke Mookameli e bile basebetsa ka
thato ea hae.
4 Bangoli ba liMinisetere ba ka mehla
Bangoli ba ka mehla ba tla khethoa ke Mookameli ka moraho ha ho
buoisana le
Ba sebetsa ha mengoaha e leng 5 e ka oketsoang hangoe fela ka khotsofalo
ea bokhone joa mosebetse.
KHAOLO 11
Tsebeletso ea tsa Tsireletso (206 -210)
Karolo 1
2 Maloko a tsa tsireletso
Ha ba e tsa mosebetsi oa bona, maloko a tsebeletso ea tsireletso a
lebelletsoe:
Ho latela Molaotheo;
Ha ba tsoaneli ho ba maloko a mekhahlo ea tsa politiki kapa ho
nka litulo mekhahlong ea tsa politiki;
Ba se sebetse ka tatelo ea mekhahlo ea tsa politiki;
ho hlompha tse bohlokoa tsa litokelo tsa botho le litokoloho tsa
baahi;
Ba se sebetse ho mafapha a tsebeletso ea sechaba kantle fa ho hlahile kotse
har’a sechaba.
3 Kansele ea Tsireletso ea Sechaba.
P age 21
Ho tla ba le kansele ea tsireletso ea Sechaba e tla bang le mosebetsi
o akaretsang ho e tsa melao ea tsireletso ea lefatse.
E tla bupjoa ke Mookameli, Batlatsi ba Mookameli le a mangoe maloko ka
tsamaiso ea molao.
4. Lingongoreho
Lingongoreho ka maloko a tsa tsireletso li tlo tsoaroa ke mafapha a boikemelo
a tlhobohaneng le tsa tsebeletso ea tsireletso.
Karolo 2
Tsa bosole (likarolo 211 – 218)
1 Libopeho
Tsebeletso ea tsa bosole e akaretsa, masole kaofela le masole a lifofane. Tse
lingoe lihlopha li ka bupjoa ka tatelo ea molao. E tsoanetsi ho
sireletsa sechaba ebile e tlameha ho:
ba le sebopeho sa sechaba;
supa ho rata lefatse;
sebetsa ka tsela etsoanetseng bosole;
ho se lateli litakatso tsa mekhahlo ea tsa lipolitiki;
ho thusana le bo busi joa taolo ea batho e seng ea bosole;
ba le maitsoaro a mantle.
3 Horumeloa
Mookameli e bile a le Molaoli- moholo oa masole a ka laola thumelo
ea masole ntoeng:
ho sireletsa lefatse;
hore ho tsohe meferefere har’ a sechaba;
ho thusa a mangoe mafapha a sechaba ka nako ho hlahile kotse;
Ntle ha Zimbabwe ho ea sireletsa litakatso tsa lefatse kapa ho
tlatsa litumelloano le mangoe mafatse.
Ho rumeloa ha masole ho tsoanetse ho etsoa ka khotsofalo ea Paramente, fa
e se khona thumelo e a emisoa.
4 Balaoli
Balaoli ba Masole:
Ba beoa ke Mookameli a lemosana le Minisetere ea maleba
P age 22
Ha ba sebetse ha themu e fetang lilemo tse 5 ebile e ka oketsoa ha
ngoe fela.
Balaola ka molao o beiloeng le totiso ea Minisetere ka tumello ea
Mookameli.
5 Komeshene ea tsebeletso ea Bosole
Masole a sebetsa ka tlase ha Komeshene ea tsamaiso ea tsa
bosole.
Maloko a Komeshene a tsoanetsi ho ba a loketsi mosebetsi oa ho
sebetsa joale ka li Komeshenara e bile ba khethoa ke Mookameli;
Mosebetsi oa eona o akaretsa:
Peakanyo le taolo ea ho sebetsa ;
ho lokisa ka meholo ea maloko a masole a tsireletso;
ho e tsa ho re ho be le ho sebetsa ka khotso ha re ha masole le
sechaba;
ho lemosa hurumente ho li taba tsa bosole.
Karolo 3
Mapolesa (219 -223)
1. Mapolese
Mosebetsi oa bona ke oa ho:
ho boloka molao le taelo le tsireletso ea ka hare;
ho sireletsa batho le phahlo;
Ho tsoanetsi ho:
• ba le sebopeho sa sechaba;
• supa lerato la lefatse;
• sebetsa ka tsoanelo ea bo polesa;
• se lateli litakatso tsa mekhahlo ea tsa politiki ;
• hlompha taolo ea sechaba.
2. Komeshenara
Komeshenara o:
khethoa ke Mookameli moraho ha ho buoisana le Minisetara oa teng;
sebetsa ha mengoaha e leng 5 e ka oketsoang ha ngoe fela;
ho ka etsahala ho re a se ke a khethoa ho laola tsa tsamaiso ea
tsireletso;
laola katlase ha tsamaiso ea Ministara ka tumello ea Mookameli.
P age 23
3. Komeshene ea tsamaiso ea Mapolese
Tsamaiso ea tsebeletso ea Mapolesa e laoloa ke Komeshene ea tsamaiso ea
Mapolesa.
Maloko a Komeshene atsoanetsi ho lokela ho sebetsa joale ka li
Komeshenara e bile ba khethoa ke Mookameli.
Mosebetsi oa o na a akaretsa:
peo le tokiso ea tsamaiso ea mosebetsi;
ho lokisa ka meholo ea maloko a Mapolesa;
ho etsa ho re ho be le kutloano hare ha mapolesa le baahi;
ho lemosa hurumente ho litaba tsa Mapolesa.
Karolo 4
Tsebeletso ea tsa bohloli (karolo 224 -226)
1. Tsebeletso ea tsa bohloli
Tsebeletso ea tsa bohloli e tsoanetsi ho e tsoa katlase ha
molao kapa le ka taelo ea Mookameli kapa Kabenete.
Batsoanetsi ho:
ba le sebopeho sa sechaba;
supa ho rata lefatse;
sebetsa ka tsela e tsoanelang bohloli;
ho se e tlame ho tsa mekhahlo ea tsa lipolitiki;
ho hlompha taolo ea sechaba.
2. Taelo Molaoli oa tsamaiso ea ba hloli
khethoa ke Mookameli;
sebetsa ha mengoaha e leng 5e ka o ketsoang ha ngoe
fela;
ho ka e tsahala ho re a se ke a beoa ho laola tse lingoe li
tsebeletso tsa tsireletso;
laola ka tlase ha taolo oa Minisetara ka tsela e beiloeng
ke Mookameli
Karolo 5
Tsa tsebeletso ea tsa literonko (likarolo 227 – 231)
1. Tsebeletso
Mosebetsi oa eona ke a ho:
sereletsa sechaba ho ba senyi;
ho e tsa tsamaiso ea li teronko;
Tsebeletso e tsoanetsi ho:
P age 24
ba sebopeho sa sechaba;
ba botsephehi;
boithuti;
ho se amane le mekhahlo ea politiki;
hlompha taolo ea sechaba.
2. Komeshenara oa literonko
Komeshenara
khethoa ke Mookameli ka moraho ha ho buoisana le Minisetara;
sebetsa ha mengoaha e leng 5 e ka oketsoang ha nako e ngoe fela;
ho ka se etsahala ho re a beoe ho laola tse lingoe le tsamaiso tsa tsireletso;
o laola ka totiso ea Minisetara ka tumello ea Mookameli.
3. Tsebeletso ea tsa literonko
Tsebeletso e laoloa ke Komeshene ea tsa literonko.
Maloko a Komeshene a tsoanetsi ho ba le boithuti bo tsoanetsing ho re ba sebetse
joale ka li Komeshenara e bile a khethoa ke Mookameli;
Mosebetsi oa tsona ke oa ho:
bea le ho sebetsa ka tsamaiso ea ho sebetsa;
lokisa ka moholo oa maloko a mosebetsi;
e tsa ho re ho be le kutloano ha re ha tsa literonko le baahi;
lemosa hurumente ho litaba tsa tsebeletso ea literonko.
KHAOLO 12
Le Komeshene tsa boikemelo tse tsehetsang temokerase
Karolo 1
Tse lingoe (likarolo 232 – 237)
1. Libopeho tsa liKomeshene
Ke tse 5 tse e leng:
Komeshene ea likhetho tsa Zimbabwe;
Komeshene ea le tokelo ea Zimbabwe;
Komeshene ea tsa botsehali le botona ea Zimbabwe;
Komeshene ea tsamaiso ea litaba ea Zimbabwe;
Komeshene ea Khotso le Tebalelano.
Ba tla sebetsa ho tsehetsa temokerase ka :
P age 25
tsamaiso ea tokelo ea botho le temokerase;
ho sireletsa boipuso le litakatso tsa baahi;
ho tsehetsa tsa Molaotheo;
ho tsehetsa tsebetso e se nang sephiri le maikarabelo ho liboka
tsa sechaba;
ho fumana hlokomelo ea tse bohlokoa ho liboka tsohle;
ho ‘netefatsa litokisiso tsa tse senyehileng.
Ba tlo:
sebetsa ka boikemelo ba litsela tsohle ho se na;ho tsaba,tsitso, bo kapa
khatheletso;
ba le boikarabelo ho Paramente;
ba le tsoanelo ea thehetso e tsoang ho mafapha a hurumente ho
sireletsa boikemelo joa bona.
2. Maloko a liKomeshene
Maloko a le Komeshene a beoa ke Mookameli empa Paramente le sechaba
kaofela se ameha ho tseo.
Ba na le tsireletso ea ho sebetsa ha bona.
Maloko a tsoanetsi ho:
latela taolo ea Molaotheo;
sebetsa ka tsela e se nang ho e theha ka le hlakore le lengoe;
se be le mokhahlo oa tsa le politiki;
se senye tokelo tsa botho tse bohlokoa kamong le le tokoloho tsa baahi.
Karolo 2
LiKomeshene tsa likhetho (likarolo 238 – 241)
1. Maloko a Komeshene ea likhetho
Molula setulo a leng Moatluli, a e leng a ba Moatluli kapa motho a lokelang
ho beoa joale ka Moatluli, o beoa ke Mookameli moraho ha ho buoisana le
Komeshene ea tsamaiso ea Molao Paramente le kamano le sechaba.
A mangoe maloko a leng robeli a khethoa ke Mookameli le Paramente ka
kamano le sechaba.
Ba tsoanetsi ho ba baahi.
Ba tsoanetsi ho ba batho banang le nnete.
Ba tsoanetsi ho beoa ha mengoaha e leng 6 e ka oketsoang ha ngoe fela.
P age 26
2 Mosebetse oa Komeshene
E na le maikarabelo a ho qhoba tsa likhetho tsa bookameli, lipurofense, likhaolo
le litoropo ho ngoe le tsa lekhutla la likhosi le lireferantamo, ho akaretsa:
Ho ngolisa ha ba bouti
Ho lokisisa lenaneo la mabitso a ba bouti;
Ho arola likhaolo;
Ho qhoba lithutho ka tsa likhetho;
Ho hlahloba lingongoreho;
Ho repota ka qhobo ea khetho ho se na tieho.(likarolo 238 – 241)
Karolo 3
Komeshene ea litokelo tsa botho (likarolo 242 -244)
1. Maloko a Komeshene ea litokelo tsa botho:
Molulasetulo, a leng moatluli, a e leng a ba moatluli, o beoa ke Mookameli
moraho ha ho buoisana le Komeshene ea tsamaiso ea Molao ka kamano le
sechaba.
Maloko a leng robeli a beoa ke Mookameli le Paramente le sechaba.
Ba tsoanetsi ho ba batho ba botsepehi.
2. Mosebetsi oa Komeshene
E tlamehile ho:
tsehetsa phatlalatso ea tsebiso le hlompho ea tokelo tsa botho ho
sechaba sohle;
lesa hlokomelo ea tokelo tsa botho;
a mohela lingongoreho le ho le lokisisa ka tsoanelo;
sereletsa sechaba ho hurumente e sebelisangmatla a puso ka tsela
empi; kamong le leboka le l basebetsi ba eona;
hlola ka tsamaiso e senyang tokelo tsa botho;
batla tokisiso e tsoanetsing;
laea Komeshenara oa Mapolese ho hlola ho senyoa ha litokelo tsa
botho;
etela le ho hlola literonko le tse lingoe lipoleke tse
hlahleloang batho;
batla le repoto ho motho le ha a le mang kapa seboka ka tsamaiso
ea litokelotsa botho kapa ho batla tsebo ea ho tsebisa mafatse o
hle;
ho esa li repoto Paramente.
P age 27
Karolo 4
Komeshene ea botsehali le botona (likarolo 245 – 247)
1. Maloko a Komeshene ea Botsehali le botona
Molulasetulo le ba bangoe barobong ba beoa ke Mookameli le Paramente
kamano le sechaba.
Batsoanetsi ho ba le bonnete le ho ba le kutloisiso ka tsa botsehali le botona.
2. Mosebetsi oa Komeshene
Mosebetsi oa eona o akaretsa ho:
lisa tekano ea tsa botsehali le botona;
hlola ka tsa ho senya;
tsehetsa phatlalatso le ho hlompha tokelo tsa botho ho sechaba sohle;
lisa hlokomelo ea tokelo tsa botho;
amohela lingongoreho le ho etsa tse tsoanetseng ka tsona;
lemosa sechaba le liboka ka tse tsoanetsing ho etsoa ka tekano ea
botsehali le botona;
bolela ho re batho bohle bafumane ka mo ho tsoanang le ho sekisoa ha
melato;
batla tokisiso ho melato e eleng ea e tsoa;
esa repoto ho Paramente.
Karolo 5
Komeshene ea tsamaiso ea litaba (248 – 250)
1. Maloko a Komeshene ea tsamaiso ea litaba
Molulasetulo le maloko a robeli a beoa ke Mookameli le
Paramente kamano le sechaba.
Batsoanetsi ho ba batho ba nnete ba utloisisang ka litaba tsa
tokelo tsa batho le tsa tsamaiso ea litaba.
2. Mosebetsi oa liKomeshene
Mosebetsi oa eona ke oa ho:
tsehetsa tokelo tsa tsamaiso ea le taba;
tsehetso ea ketso e ntle le tse le tlotloang;
P age 28
lisa ho phatlalatsa le taba ka tse thabeloang ke sechaba le tsebetso ea boitsoaro ha ba
sebetsi ba litaba;tekano e abo tsehali le botona;
amohela lengongoreho le tokisiso ho basebetsi ba litaba;
ba le nnete ea ho re sechaba se ea finyelela tsebo ,tsehetso ea ho hlolisanale ho seeana
ha le taba;
khothatsa tsebeliso ea puo tse a mohelehang;
repoto ho Paramente.
Karolo 6
Komeshene ea sechaba ea khotso le tebalelano (karolo 251 -253)
1. Nako
e tla sebelisoa ho mengoaha e leng 10 ho lateloa ho qala ha ho sebelisoa ha Molaotheo
ona.
2. Maloko a Komeshene ea tsa khotso,le Tebalelano
Molula setulo a leng Moatluli, a e leng a ba Moatluli kapa motho a lokelang ho beoa
ho ba Moatluli, o beoa ke Mookameli kamoraho ha puisano le Paramente le sechaba.
Maloko amangoe a leng robeli a beoa ke Mookameli le Paramente kamano le sechaba
tsoanetsi ho ba motho oa botsepehi, a nang le tsebo ka mosebetsi oa
bolamuli,tsoarano,ho thibela lintoa le ho tsamaisa mesebetse.
3. Mosebetsi oa liKomeshene
E tsoanela ho:
tiisa ka tsa khotso moraho ha lintoa,pholiso le ho tsoarelana;
ho hlola le ho emisa mananeo a tsa tebalelano,pholo ea sechab, tsoarano, le ho
felisa lintoana ka khotso le ho bea litsela tsa ho bolelisana;
khuthatsa puo tsa nnete ka meferefere e i le ea e tsahala holeka ho finyelela ho
tsoarelana,tokisiso hobane ho be le khotso.
Ho qala mananeo a tsa pholiso le kalafo le theho.
tsoeletsopele ea litsela tsa ho lemoha meferefere le li phapano le tsela tsa ho li
thibela; tokiso le ho lamola le ntoa;
amohela lingongoreho le ho ba le tsela ea ho li lokisa;
ho esa li repoto Paramente.
P age 29
KHAOLO 13
Mafapha a ho loantsana Bobolu le Melato
Karolo 1
Komeshene ea ho emelana le bobolu ea Zimbabwe (likarolo 254 – 257)
1. Maloko a Komeshene ea Ho Loantsa Bobolu
Molula setulo le a mangoe maloko a ma robeli ba beoa ke Mookameli le
Paramente le sechaba.
Ba tsoanetsi ho ba batho ba nnete le tsebo la ho hloloa letsekiso ea melato
Batsoanetsi ho:
sebetsa ka boikemeli,basa tsabi,ba se na tsetso,ho se na a kenelang;
ba le maikarabelo Paramente ho e tsa ho re ba be le
bohlale mosebetsing;
fumana tsehetso e tsoang ho mekhahlo eohle ea hurumente ho sireletsa
boikemelo ba bona.
Ba na le tsireletso ea mosebetse oa bona.
2. Mosebetsi oa Komeshene
Mosebetsi oa eona ke oa ho:
hlola, ho bobolu koaholla ho mekhahlo ea sechaba le tse le seng
tsa sechaba;
loantsana le bobolu,bopatsoa,ho omanya matla a mosebetsi le tse
lengoe le tsela tsa boitsoaro bo sa a mohelehing;
tsehetsa botsephehi,boitsoaro ho tsebetso ea cheletele le tsamaiso
e se nang sephiri;
a mohela le ngongoreho le tsoang ho sechaba le ho ba le tsela ea
tokiso;
supisa Komeshene tsa Mapolesa ho hlola bobolu le ho repota ho
Komeshene
nea li tsela tsa ho loantsana le bobolu;
repota Paramente.
Hurumente e tsoanetsi ho ba le nnete hore Komeshene e lemose ho re ba senyi
ba tsoaroe le ho sekisoa
P age 30
Karolo 2
Lefapa la Sechaba la ho Rera Melato (Karolo 258-263)
1. Lefapha
Le na le maikarabelo a ho qhoba litseko tsohle, ebile le okameloa ke Mosekisi- moholo anang le
maemo a tsoanang le a moatluli oa Khotlaholo ea lingongoreho.
KHAOLO 14
Puso ea liPurofense le likhaolo (likarolo 264 – 266)
1. Ho abela matla a puso likhaolong
Ho abeloa matla a puso ho lipurofense le likhaolo ho e tseloa hore ho be
le kamano le baahi bohle ba Zimbabwe. Seo ha se hore ho tlo bakela ho
se tsoarane le arohanyo ea sechaba.
Lipheo ke tsa ho:
thusa batho ba leng ho puso ea metse hobane ba oketse tlamo ea
bona ho etsang thero le ho matla a mmuso;
Hlokomela le tokelo tsa baahi ba metse ho re ba be le boikemelo;
Ba e tlame ho tsamaiso ea karohanyo ea khumo ea likhaolo le ea
sechaba kaofela le ho ba le mothapo oa chelete o teileng ho puso
tsa metse;
2. Tsamaiso ea puso ea liPurofense le Likhaolo
Tsamaiso ea puso ea metse e tsoanetsi ho:
re ho ba le puso e ntle ka ho etsa hantle le ka botlalo,ho se e tse
lilo sephiring le kutloano mekhahlong;
etsa fela tse tsoanetsing ho etsoa;
laola fela ho khaolo ea tsona;
utloana le bangoe ba laoli ka ho rerisana; tumeleloano; kutloano
tsamaisong ea tse li etsoang ka tsela tse sieaneng balatela molao o
tsoanetsing;
re boemeli ba batho le khaolong bo ea lekana.
3. Basebetsi ba li puso ba lipurofense le likhaolo
Ba tsoanetsi ho:
P age 31
hlompha Molaotheo;
re ba se ke ba ba le bululo ho mekhahlo ea lipolitiki;
ho se be le mokhahlo ho tsa lipolitiki;
hlompha tokelo tsa botho tse bohlokoa le litokoloho tsa baahi.
Karolo 2
Likansele tsa liPurofense le liToropo (likarolo 267-273)
1. LiPurofense le li teserekete
Ho tla ba le le Purofense tse 10, ke tse latelang:
Bulawayo Metropolitan;
Harare Metropolitan;
Manicaland;
Mashonaland Central;
Mashonaland East;
Mashonaland West;
Masvingo;
Matabeleland North;
Matabeleland South; and
Midlands.
Arohanyo ea liteserekete le tla laoloa ke molao.
2. LiKansele tsa li Purofense
E ngoe le e ngoe purofense e tla ba le kansele ea eona e bupiloeng ka tsela
e latelang:
batho bohle ba leng maloko a paramente ba tsoang ho purofense eong;
ma meara ohle le baluli le tulo ba puso tsa likhaolo tsa purofense eong;
moluli setulo a khethiloeng ke maloko a boletsoing a khethiloeng ke
mokhahlo oa politiki ka bongata ba Maloko a Kopano ea Sechaba ho
Purofense
3. Likansele tsa liToropo
E ngoe le e ngoe kansele ea litoropo e bupiloe ka tsela e latelang:
batho bohle ba leng maloko a Paramente e bile batsoa ho Purofense
eong;
le meara tsohle le le ba tlasi ba bona le baluli ba li tulo ba le khaolo tsa
purofense;
ho toropo ea Bulawayo, moluli setulo oa kansele o tla ba meara oa
toropo ea Bulawayo;
P age 32
ho toropo ea Harare, moluli setulo oa kansele o tla ba meara oa Harare
le Motlasi oa hae o tla ba meara kapa moluli setulo oa pusoea toropo
e latelang ka boholo ho purofense.
4. Mosebetsi oa li kansele oa li purofense le litoropo
Mosebetsi oa bona o akaretsa
tsoelopele ho tsa tulisano le khumo;
ho kopanya lepolane tsa hurumente le ho lesebetsa;
ho laolo tse fumanoang tsa naha;
ho e tlama ho tsebeletso ea tse fumanoang;
basebetsi ba kansele ba tlo khethoa ho lateloa tsamaiso ea molao;
likansele le na le maikarabelo ho batho ba purofense le ho hurumente.
5. Balulatulo ba li kansele tsa lipurofense le litoropo
Batsoanetsi ho ba baloketsi ho ba Maloko a Paramente.
Molulasetulo oa Kansele ea Purofense o tla khethoa ke Kansele ea Purofense a
khethoa ho batho ba babeli ba mabitso a tsoang ho mokhahlo onang le
litulo tsengata kapa li bouti tse fumanoeng ho khetho ea maloko a purofense a
leng ho Seboka sa Sechaba;
Ba ka e misoa mosebetsi ke mokhahlo oa boikemelo ka baka la ho sitoa
ho sebetsa,ho hloka boitsoaro bo bontle, ho sa tsepheha, bobolu, kapa ho
sebelisa matla a bolulo ba mosebetsi ka tsela e tsobotsi le ho senya molao
Karolo 3
Boipuso ba metse (likarolo 274-279)
1. Puso ea litoropo
Ba tla ba le boikarabelo ho tsamaiso ea litoropo.
E tla bupjoa ke ma kansela a khethiloeng ke baluli ea laoloa ke limeara
kapa baluli litulo.
Ha meara a tla pateloa, o tsoanetsi ho khethoa ke ba bouti bamong.
2. Puso ea likhaolo
Ba tla tlameha ka litaba tsa metse.
Khetho ea makansele, baluli litulo le tsebo ea boithuti joa bona e tsoanetsi
ho lumelelana le molao.
3. Tsamaiso ea puso ea likhaolo
Ba tlo ba le matla a:
ho bupa melao ea tsamaiso ea tsebeletso tsa likhaolo;
ho laola tsamaiso ea methelo le ho sebelisoa ha eona.
P age 33
Khetho tsa tsona litsoanetsi ho etsoa ka nako etsoanang le ea likhetho tsa
sechaba.
Ma meara le balula litulo, kantle ha ba bakhethethiloeng ke batho, a khethoa ho
mokopano oa ho qala oa kansele.
Maloko a kansele ba lahleheloa ke bolulo ka tsela e tsoanang le ea maloko a
Paramente e bile ba ka emisoa ke maloko a boikemelo ka ho paleloa ho sebetsa,
boitsoaro bo sa amohelehing, ho hloka botsephehi, bobolu kapa ho sebelisa matla
a mosebetsi ka tsela e sa tsoanelang le ho senya molao.
KHAOLO 15
Mahosi le ba eteleli ba setso (likarolo 280 – 287)
1 Tlutlo
Khaolo ena e tlutla bohosi ka fase ha molao oa setso, setso le molao oa setso lilaoloa
ke likhosi ka thusano le borametse ba laolang likhaolo tsa bona.
Lefapha la bohosi le sebetsa ka boikemelo
2 Baeteleli ba setso
Batsoanetse ho:
Sebetsa ka tatelo ea Molaotheo;
E itsoara ka tsela e sa lireleng mokhahlo oa tsa politiki a sele;
Ba se khethulle ka tsa politiki;
Se senye litokelo le litokoloho tsa motho mang le mang;
Balaole batho ba bona ka tsepelelano le Molaotheo;
Batsoare batho likhaolong tsa bona ka ho tsoana le ka toka.
Mesebetse ea bona e akaretsa:
Ho hlokomela setho, mekhoa, le setso letsebo le khumo ea likhaolo
tsa bona;Thuthuhiso ea bophelo joa batho lipholeng;
Thuthuhiso ea tsoelopele;
Ho lamola lintoana ka tulisano ea batho.
Ba beoa ba tlosoa:
Ke Mookameli;
Ho ea ka molao le mekhoa ea setso sa mofuta oa sechaba sa habo bona;
Ka temoso ea lekhutla la Purofense la Kansele ea likhosi le Ministara;
P age 34
Ho senang le tsa politiki.
Moholo oa bona o beoa ka molao le tumello ea Mookameli.
3 Seboka sa likhosi sa sechaba le tsa lipurofense
Liboka tsa likhosi, sa Sechaba le sa lipurofense li tlo emisoa ka semolao;
Likhetho tsa Mookameli le Motlatsi oa Seboka sa likhosi o qhojoa ke
Komeshene ea tsa khetho. Ba beoa ha lingoaha tse 5 li ka oketsoa hangoe
Ho khetheloa ha likhosi ho seboka sa sechaba sa likhosi ho tsoanetsi ho etsoa ka
molao ebile purofense engoe le engoe e tsoanetse ho emeloa hantle .
Liboka tsa lipurofense likhetha likhosi tsa tlo bang li Senetha.
Mesebetse ea bona e akaretsa:
Thuthuhiso le tsireletso ea setso le mekhoa;
Ho emela li takatso tsa mahosi
Ho beakanya le ho bona tatelo ea maitsoaro a baeteleli ba
setso.
4 Komiti ea maitsoaro
Komiti ea liKhosi ea Botsepehi le Maitsoaro a tsoanelang, e tlo bonang ka thuthuhiso
ea maitsoaro a bokhabane le botsepehi ho baeteleli ba setso, e lamola lintoana har’a likhosi le
ho hlahloba litsolo tse qosoang baeteleli ba setso.
KHAOLO 16
Mobu oa Temo (288 – 297)
1 Molao ka tsa mobu oa temo
Baahi bohle ho sa khethulloe ka mofuta batsoanetsi ho fumana le ho
fetisetsa pele mobu oa temo.
Kabo ea mobu etsoanetse ho etsoa ka tekano le toka e latela tsena:
hore mobu ke khumo ea ka mehla;
tekano ea tsa botsehali le botona;
litakatso tse farohaneng tsa sechaba
ho sebelisoa ha ona ho tsoanetse ho tlisa tsireletso ea lijo le mesebetse
ka hlokomelo ea ho bolokela sechaba sa hosasa mobu
P age 35
tokelo ea ho lula le ho sebelisa mobu ha e nkeke ea nkeloa motho ho
sena mabaka.
2 Litokelo tse bong teng ka mobu oa temo
bo mong joa mobu o nkiloeng ke 'Muso ka lenaneo la ho nkioa ha mobu ha bo
fetohi
poseletso ho mobu o nkiloeng ke ‘Muso e tlo etsoa fela ho mobu:
nkiloeng ho batho ba Zimbabwe ka hlaho; le
tsirelelitsoeng ke tumelloano har’ a mafatse;
Litokelo tse filoeng bao ba abetsoeng mobu ka lenaneo la kabo lesoa ea mobu ke
‘Muso li a hlompjoa.
3 Litokelo ka mobu
Mahato a tlo lateloa ho fa bao ba abetsoeng mobu ka semolao tsireletso ea ho
lula le ho sebelisa mobu o baleng ho ona
‘Muso o ka fetola bong joa mobu, le ho hirisa mobu ho thola sengoe, kapa ho
fana ka engoe tokelo ka tsa mobu.
Fela mobu o mongoe o ka neoa motho le bana ba hae ha ngoe fela
Beng ba mobu ba ka fa tokelo ea bona ka tsa mobu oa temo.
4 Komeshene ea tsa Mobu
Maloko a khethoa ke Mookameli
Bana le tsireletso ea nako ea ho sebetsa ha bona
Mosebetse oa eona o akaretsa:
Ho bona ka tsa ho tsamaisoa ha tsa mobu ka toka le ka tsoanelo
Ho qhoba lihlahlobo tsa mobu;
Ho tiisa molao oa hore motho mongoe le mongoe kapa phole engoe
le engoe e fumana fela mobu o mongoe
Litemoso ka ka ha melao ea tsa mobu, kabo ea ona, tsebeliso, boholo joa
mobu, poseletso tse tsoanetseng le ho nkioa ha mobu;
Ho etsa hore ho be bobebe ho abioa le ho fetisetsoa pele ha mobu.
P age 36
KHAOLO 17
Tsa lichelete (likarolo 298 – 317)
1 Ho tsoaroa ha lichelete
Ho bolokoeng le ho laoloeng ha lichelete tsa sechaba:
Chelete e tsoanetse ho tsoaroa le ho sebelisoa ka hlokomelo ebile le
ka tsoanelo le bohlale;
Tsamaiso ea tsa lichelete e tsoanetse ho lebisoa ho tsa thuthuho ea lefatse;
Joko ea hafo etsoanetse ho roaloa ka tekano;
Chelete eohle ea sechaba etsoanetse ho abjoa ka tekano har’ a hurumente oa
‘muso, oa lipurofense le oa litoropo;
Moroalo le li tholoa tsa khumo litsoanetse ho abeloana ka tekano har’ a
sechaba sa kajeno le sa hosasa;
Lirepoto ka tsa lichelete litsoanetse ho utloisiseha;
Likalimo tsa lichelete litsoanetse ho etsoa ka tsela e utloisisehang ebile ho e
le hore litlo thusa lefatse.
2 Maikarabelo a Paramente ho tsa lichelete
Paramente etsoanetse ho laola le ho hlokomela tsebeliso ea chelete ea sechaba.
Ho nka likoloto tse fetisisileng, ho oketsa sekoloto sa sechaba le li tlamo ka tsa
lichelete ke ‘Muso ha li ea tsoanela ho etsoa ntle le tumello le khotsofalo
ea Paramente.
Paramente etsoanetse ho tsebisoa ka likoloto tsa hurumente le maikarabelo a
‘Muso amangoe a tsa lichelete tsa boitlamo.
3 Kabo ea lichelete
Kabo ea lichelete etsoanetse ho lekana ho lipurofense le likansele ho lebeletsoe
tsena:
Litakatso tsa sechaba;
Li lateloa tse tsoanelang ho likoloto tsa lefatse;
Lihlokoa tsa hurumente oa ka hare;
Hlokahalo ea litsebeletso tse bohlokoa lipolekeng tse sa thusoing ho tsoana
le tsengoe;
Matla a lichelete le ho khona ho lisebelisa ke lipurofense le li
kansele tselingoe;
Ho fapana le ho sa lekana ha lekhumo la lipurofense
P age 37
Chelete e seng ka tlase ha li pesenti tse 5% ea chelete ea sechaba ngoaheng o fe
kapa o fe etsoanetse ho abeloa lipurofense le tsengoe likansele.
4 Chelete ea sekhoama sa sechaba
Eohle chelete ea ‘Muso etsoanetse ho pateloa ho Sekhoama sa Sechaba kantle ha
molao o lumella se sengoe.
Chelete e ka tlosoa sekhoameng sa Sechaba ka taelo ea Molaotheo le molao.
Lipalo tsa ho fumanoa le ho sebelisoa ha chelete ho tsoanetse ho lumelloa ke
Paramente ka ngoaha.
Tsengoe lichelete li ka lumelloa ho sebetsa fa e le hore ho ne ho abetsoe chelete e
sa anelang kapa ho na le hloko ea hore ho abeloe engoe chelete, e le hore
ke hloko e ‘ne e sa ka ea abeloa chelete pele.
Ho na le kemiso ho lumeleleng tsebeliso ea chelete ho tse sa tsejoeng hore li ka
hlaha e fela tumello e tsoanetse ho fumanoa ka kupo ea kokeletso.
Tumello ea ho sebelisa chelete e ka etsoa ka Molao oa Paramente.
5 Chelete le phahlo ea sechaba
chelete le phahlo ea sechaba litsoanetse ho sireletsoa ebile li sebelisoe ka
tsoanelo ho lintho tse lumelletsoeng ebile tsebong molaong.
Etsoanetse ho sireletsoa ho tatleho, pheliso, tsenyeho le komanyo.
Mahato a molao a tsoanetse ho nkeloa motho o fe le o fe a senyang tsena.
6 Mohlahlobe moholo oa lichelete
Ofese ke ofese ea sechaba ea boikemelo.
Mohlahlobe moholo oa lichelete o na le maikarabelo a:
Ho hlahloba lichelete, tsamaiso le ho tsoaroa ha eona ka mafapha a ‘Muso
Ho etsa lihlahlobo tsa tsebeliso ea lichelete ke li kampani tsa hurumente tse
sebetsang ka boikemelo le mangoe mafapha a bong kafase ha taolo ea
‘Muso.
A lemosa le ho laela litokisiso tse tsoanetseng ho tsoaroeng ha chelete ea
sechaba.
Mohlahlobe moholo oa lichelete o beoa ke Mookameli ka ho kholoa ke
Paramente
tsoanetse ho ba moahi
P age 38
Nako ea ho sebetsa ke lilemo tse 6, ebile a ka se sebetse ha mengoaha e fetang
12.
Moholo oa hae o beoa ke molao ka tumello ea Mookameli.
Ho beoa le maemo a ho sebetsa ha ba basebetsang le Mohlahlobi moholo
oa lichelete o etsoa ke seboka ka fase ha molao oa seboka se beetsoeng jena.
7 Ho rekoa ha li phahlo
Molao o tsoanetsi ho hlalosa ho rekoa ha liphahlo
8 Mafapha a ‘Muso
Molao o tsoanetse ho beakanya hore mafapha a se’muso a laoloe ka
tsoanelo ebile balaoli ba ona ba se sebetse teng ha nako tse telele tse ka
oketsoang fela ha basebelitse ha botse.
9 Banka ea Resefa ea Zimbabwe
Banka ea Resefa ea Zimbabwe e tlo laola tsa tsebeletso ea tsa lichelete,
ea tsireletsa chelete ea Zimbabwe le ho beakanya melao ea tsa tsamaiso ea
lichelete e tsoanetsi ho ba hona ka semolao.
KHAOLO 18
Likoketso tse lingoe
Karolo 1
Likoketso tsa li Komeshene (likarolo 318 – 323)
1 Likomeshene
Likomeshene tsohle:
Li na le siemo sa boikemelo;
Fela likomeshene tsa boikemelo, ea tsa molao, ea tsa ho loantsa bohlasoa le bo
bolu le ea tsa mobu ke tsona tsenang le tsireletso ho beng hona, tse lingoe li tlo
sebetsa ka takatso ea Mookameli.
Batsoarelitulo ba li Komeshene le batlatsi ba bona ba tsoanetse ho farohana ka
botona lebotsehali.
Moholo oa maloko a li Komeshene o beakanyoa ke molao ebile ha o nkeke oa
fokutsoa fa ba sa le mosebetsing.
P age 39
Paramente e tsoanetse ho abela chelete e anelang ho sebetsa ha li
Komeshene hore lisebetse ka bohlale.
Litsoanetse ho tlisa lirepoto ka ngoaha ho Paramente.
Karolo 2
Tse lingoe (likarolo 324 – 329)
1 Tselingoe
Tsa Molaotheo li tsoanetse ho sebetsoa ka bohlale le bonolo
Mafapha ohle a Molaotheo a tsoanetse ho abeloa chelete e anetseng.
Molao oa setso sa batho oa mafatse ohle a lefase o karolo ho molao oa
Zimbabwe, fela ha o sepelelana le Molaotheo le molao.
Molao oa tumellano ea mafatse o tlama Zimbabwe moraho ha ho lumeloa
ke Paramente ebile o tlaba karolo ea molao oa rona fa o kenyoe molaong ka Pupo
ea Molao ea Paramente. Tumello e ka sa etsoa ke Paramente, kantle ha
litumelloano tse batlang tsebeliso ea chelete ea hurumente kapa tse ka
bakelang fetoho ea molao oa Zimbabwe.
Litumelloano le mangoe mafatse litsoanela ho lumeloa ke Paramente pele
li tlama Zimbabwe.
Likhotla litsoanela ho etsa likutloisiso tsa molao tse sepelelanang le litumelloano
tsa mafatse a lefase.
2 Tokisiso ea Molaotheo
Ho tsoanetse ho etsoa tsebiso ke Sebuoi ha matsatsi a mashome a robong ho
pampiri ea ‘Muso, Gazethe, e leng tsebiso ea ho lokisisa Molaotheo.
Batho batsoanetsi ho memoa ho fana ka maikutlo a bona ka pela ba bona tsebiso
ena. Mekopano etsoanetse ho tsoaroa ho etsoa jena.
Pupo molao ena e tsoanetse ho lumeloa ke palo ea tsepeli ho tse tharo ea palo
eohle ea ntlo engoe le engoe ea Paramente.
Litokisiso tsa likhaolo tsa litokelo tsa botho le litokoloho le tsa mobu oa temo
(likhaolo 4 le 16) li tsoanetsi ho esoa ho referantamo hareng ha likhoeli tse
3 moraho ha ho lumeloa ke Paramente ebile e tlo ba molao fela fa referantamo e
o lumetse.
Tokisiso e etsoang ho oketsa nako ea ho sebetsa ha lefapha le leng, ha e oketse
nako ea motho abong mosebetseng kapa ofeseng e sele pele ho etsoa tokisiso.
Likaroloana (6) le (7) tsa karolo 328 tsa Molaotheo li ka se lokisisoe ho phetulo
molao engoe ebile litokisiso li ka se esoe ho batho ka referantamo etsoanang.
P age 40
Karolo 328 ea Molaotheo le eona etsoanetse ho lumeloa ho referantamo moraho
ha tsebiso ea likhoeli tse 3 ebile etsoanetse ho lumeloa ke palo ea tse peli
ho boraro ba maloko a Paramente.
3 Hoqala ho sebetsa ha Molaotheo
Molaotheo ona o tlo sebetsa ka liqa:
Seqa sa pele: tsatsi la phatlhalatso, lipehello tse latelang li tlo qala ho sebetsa:
Lipehelo tse lumellang likhetho tsa pele katlase ha Molaotheo ona tsona e le
tsena:
Khaolo ea tsa likhetho
Ho khethoa ha Mookameli ( fela Mookameli har’ a mengoaha ea pele e 10
ea likhetho tsa pele a ka se qobelloe hore a khethe batlatsi a tlo sebetsang le
bona ebile fa setulo sa Mookameli sehloka motho, mokhethuoa oa
mokhahlo oa politiki ea eo a ‘ne a le Mookameli o nka bolulo joa
Mookameli) ( parakerafo 14 ea shetjulu);
Khaolo ea Maloko a Paramente le ho bitsoa ha Paramente moraho ha
likhetho;
Khaolo ea tsamaiso ea litsebeletso tsa sechaba le boeteledi;
Lipehelo ka boitsoaro joa tsebeletso ea tsireletso;
Lipehelo ka Komeshene ea tsa likhetho;
Khaolo ka litokelo tsa botho le litokoloho;
Lipehelo ka Khotla ea tsa Molaotheo;
Khaolo ea tsa hurumente oa lipurofense le likhaolong.
Lipehelo tsena li tlo fetolla lipehello tsa Molaotheo o leng hona.
Seqa sa bobeli: letsatsi la qalo, e leng letsatsi Mookameli a qala
mosebetse, Molaotheo ohle o qala hosebetsa.
Karolo 329 e baloa le shetjulu ea botselela.
Karolo 3
Kutloisiso ea fetolelo (330 – 345)
Mantsoe a sebelisitsoeng ho Molaotheo a tlhalositsoe ho karolo 322.
Tsengoe litaba litlhalositsoe mona, tse akaretsang:
P age 41
Tlhaloso ea:
o “a etsa ka temoso ea”…. Ho reang hore ea lemosoang o tsoanetse ho latela
temoso a e feoang;
o A etsa “ ka polelisano le…..” ho reang hore ho ka butsoa empa a butsang ha
hlohleletsoe ho latela litemuso a li feoang;
Ho tlohela mosebetse:
o Mookameli o tlohela mosebetse ka ho tsebisa Sebuoi sa Paramente;
o Sebuoi le Mookameli oa Senete le batlatsi ba bona, ka tsebiso ho Tlhelereke oa
Paramente kapa ka ho tsebisa e ba leng ho eona;
o Maloko a Paramente, ka tsebiso ho Sebuoi kapa Mookameli oa Paramente, ho ea
ka hore ba ntlong e fe;
o Maloko a mafapha a tsa Molaotheo, ka tsebiso ho ba ba beileng;
Koramo:
o ka tloaelo, palo ea halufu ea maloko a feleletse a lefapha a etsa koramo;
o sekheo sa lefapha a se sitise lefapha ho etsa mosebetse oa lona e fela ho na le
koramo;
o palo e feleletseng ea maloko a Paramente ha e bale likheo.
P age 42